BIBELE e Halalelang

1 Marena 22:32-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha, empa Josafate a meketsa.

33. Balaodi ba makoloi, ha ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

34. Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.

35. Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.

36. Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

37. Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.

38. Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

39. Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

40. Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.

41. Haele Josafate, mora Asa, a qala ho busa Juda, ka selemo sa bone sa Akabe, morena wa Iseraele.

42. Josafate o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, ha a qala ho busa: A busa Jerusalema ka lemo tsa mashome a mabedi a metso e mehlano. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilki.

43. A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.

44. Leha ho le jwalo, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlahisa mahlabelo, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

45. Josafate a nna a dula ka kgotso le morena wa Iseraele.

46. Haele taba tse ding tsa Josafate, le matla ao a entseng ka wona, le kamoo a lwanneng kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

47. Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.

48. Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.

49. Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.