BIBELE e Halalelang

1 Marena 22:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha feta dilemo tse tharo, ho se ntwa mahareng a Basiria le Baiseraele.

2. Ka selemo sa boraro, Josafate, morena wa Juda, a theohela ho morena wa Iseraele.

3. Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng re sa o amohe morena wa Siria?

4. A ba a re ho Josafate: Na o tla ya le nna ho lwantsha Ramothe-Gileade na? Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka dipere tsa hao.

5. Hape, Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.

6. Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.

7. Yaba Josafate o re: Ana ha ho sa le moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na?

8. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.

9. Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona e nngwe, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.

10. Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae, ba apere dikobo tsa bona tsa borena, lepatlelong le pela kgoro ya Samaria; baporofeta bohle ba ne ba porofeta pela bona.

11. Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

12. Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, hobane Jehova o o neetse matsohong a morena.