BIBELE e Halalelang

1 Marena 21:13-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.

14. Jwale, ba romela ho Jesebele, ba re: Nabothe o tlepeditswe, o shwele.

15. Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.

16. Akabe, ha a utlwa hobane Nabothe o shwele, a tloha, a theohela tshimong ya merara ya Nabothe wa Jisreele, a e nka.

17. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Elia wa Thishba, la re:

18. Raoha o ye ho kgahlana le Akabe, morena wa Iseraele, Samaria; ke eo tshimong ya merara ya Nabothe: O theohetse teng ho e nka.

19. Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.

20. Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

21. Bona, ke tla o hlahisetsa bomadimabe, ke o hlakole, ke timetse le ba Akabe ba batona, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng.

22. Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.

23. Jehova o buile le baken sa Jesebele, o itse: Dintja di tla ja Jesebele lepatlelong la Jisreele.

24. Mora wa Akabe ya tla shwela hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo.

25. Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.

26. A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.

27. Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.

28. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Elia wa Thishba, la re: