BIBELE e Halalelang

1 Marena 20:16-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.

17. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa, ba eba sehloohong. Ben-Hadade a romela; a tsebiswa, ha thwe: Ho tsoile batho Samaria.

18. A re: Leha ba ka tla ka tsa kgotso, ba tshwareng ba sa utlwa; ha ba tla ka tsa ntwa, le teng le ba tshware ba sa utlwa.

19. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa hae, ba lateletswe ke makgotla kaofela.

20. Ba bolaya mong ka mong monna wa hae; Basiria ba baleha, Baiseraele ba ba ba ba phallela; Ben-Hadade yena, morena wa Siria, a baleha ka pere le bapalami ba bang.

21. Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.

22. Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.

23. Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.

24. Etsa hona: O tlose e mong le e mong wa marena ana tulong tsa hae, o bee balaodi ba makgotla bakeng sa wona.

25. O ipatlele makgotla a ntwa a ka ka makgotla ao a senyehetsweng ke wona, o bee pere bakeng sa pere le koloi bakeng sa koloi, re ntoo ba lwantsha lehwatateng; ruri re tla ba hlola. A ba mamela, a etsa jwalo.

26. Eitse isao, Ben-Hadade a bala Basiria, a tla Afeke, ho lwantsha Iseraele.

27. Le bana ba Iseraele ba balwa, ba newa mefaho, ba ya ba kgahlanyetsa; bana ba Iseraele ba emisa mabapa le bona, ba le ka ka mehlatswana e mmedi ya dipodi. Basiria bona ba thibile naha.

28. Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.

29. Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.

30. Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng.Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.