BIBELE e Halalelang

1 Marena 20:13-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.

14. Akabe a re: E tla ba ka mang? Eo a re: Jehova o itse: E tla ba ka bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha. Akabe a re: Ke mang ya tla qala ho lwana? A re: Ke wena.

15. Jwale, a bala bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha, ya eba batho ba makgolo a mabedi a mashome a mararo a metso e mmedi, a bala le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ya eba batho ba kete tse supileng.

16. Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.

17. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa, ba eba sehloohong. Ben-Hadade a romela; a tsebiswa, ha thwe: Ho tsoile batho Samaria.

18. A re: Leha ba ka tla ka tsa kgotso, ba tshwareng ba sa utlwa; ha ba tla ka tsa ntwa, le teng le ba tshware ba sa utlwa.

19. Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa hae, ba lateletswe ke makgotla kaofela.

20. Ba bolaya mong ka mong monna wa hae; Basiria ba baleha, Baiseraele ba ba ba ba phallela; Ben-Hadade yena, morena wa Siria, a baleha ka pere le bapalami ba bang.

21. Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.

22. Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.

23. Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.

24. Etsa hona: O tlose e mong le e mong wa marena ana tulong tsa hae, o bee balaodi ba makgotla bakeng sa wona.

25. O ipatlele makgotla a ntwa a ka ka makgotla ao a senyehetsweng ke wona, o bee pere bakeng sa pere le koloi bakeng sa koloi, re ntoo ba lwantsha lehwatateng; ruri re tla ba hlola. A ba mamela, a etsa jwalo.

26. Eitse isao, Ben-Hadade a bala Basiria, a tla Afeke, ho lwantsha Iseraele.

27. Le bana ba Iseraele ba balwa, ba newa mefaho, ba ya ba kgahlanyetsa; bana ba Iseraele ba emisa mabapa le bona, ba le ka ka mehlatswana e mmedi ya dipodi. Basiria bona ba thibile naha.