BIBELE e Halalelang

1 Marena 2:22-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Morena Salomone a araba mmae, a re: O qellelang Adonija Abishage wa Shuneme? Ha o mo qelle mmuso keng, hobane ke moholwane wa ka? O qelle yena le moprista Abiathare, le Joabe mora Tseruja!

23. Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.

24. Ke se ke re: Ka Jehova ya utlwang, ya ntiisitseng, ya ntudisitseng teroneng ya ntate Davida, ya nkgahetseng ntlo, kamoo a neng a boletse kateng, ruri Adonija, o tla bolawa kajeno.

25. Yaba morena Salomone o roma Benaia, mora Jehojada; eo a mmolaya, mme a shwa.

26. Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.

27. Salomone a leleka Abiathare jwalo, hore e se hlole e eba moprista wa Jehova; ya eba moo ho phethahalang taba eo Jehova a neng a e boletse bakeng sa ntlo ya Eli, Silo.

28. Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.

29. Morena Salomone a tsebiswa, ha thwe: Joabe o tshabetse tenteng ya Jehova; ke eo, o aletareng. Salomone a roma Benaia mora Jehojada, a re ho yena: