BIBELE e Halalelang

1 Marena 19:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. A re a sa dutse, a ithoballa tlasa sehlahla, mme teng ha fihla lengeloi, la mo thetsa, la re ho yena: Tsoha, o je.

6. A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.

7. Ha tla lengeloi la Jehova la bobedi, la mo thetsa, la re: Tsoha, o je, hobane tsela ya hao e telele.

8. A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.

9. A kena lehaheng le leng, a hlola teng. Lentswe la Jehova la mo tlela, la re: O etsang moo, Elia?

10. A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.

11. Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.

12. Kamora tshisinyeho, ya eba mollo; empa Jehova o ne a le siyo mollong. Kamora mollo, ya eba lentswe le nyenyetsang, le lesesane.

13. Elia ha a le utlwa, a ikgurumetsa sefahleho ka kobo ya hae; a tswela ntle, a ema monyako wa lehaha, a utlwa lentswe le mo tlela, le re: O etsang moo, Elia?

14. A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo, hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo, ke bile ke setse ke nnotshi, mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.

15. Jehova a re ho yena: Kgutla, o ye Damaseka, ka tsela e yang lefeelleng; etlare ha o le teng, o tlotse Hasaele ho ba morena wa Siria.

16. O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.