BIBELE e Halalelang

1 Marena 19:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.

17. Ya tla qoba lerumo la Hasaele, o tla bolawa ke Jehu; ya qobang lerumo la Jehu, Elisha o tla mmolaya.

18. Empa ke tla siya Baiseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a kgumamela Baale, le melomo yohle ya bona e sa kang ya mo aka.

19. Yaba Elia o tloha moo, a fihlela Elisha, mora Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e mmedi, a le pela joko ya leshome le metso e mmedi. Elia, ha a mo feta, a akgela kobo ya hae hodima hae.

20. Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?

21. A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.