BIBELE e Halalelang

1 Marena 19:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Akabe o phetela Jesebele tsohle tse entsweng ke Elia, le tsohle tsa kamoo a bolaileng baporofeta bohle ba Baale kateng, ka lerumo.

2. Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.

3. Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.

4. Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.

5. A re a sa dutse, a ithoballa tlasa sehlahla, mme teng ha fihla lengeloi, la mo thetsa, la re ho yena: Tsoha, o je.

6. A tadima, a bona pela hlooho ya hae e le senkgwa se besitsweng hodima mashala, le nkgo ya metsi. A ja, a nwa, a boela a robala.

7. Ha tla lengeloi la Jehova la bobedi, la mo thetsa, la re: Tsoha, o je, hobane tsela ya hao e telele.

8. A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.

9. A kena lehaheng le leng, a hlola teng. Lentswe la Jehova la mo tlela, la re: O etsang moo, Elia?

10. A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.

11. Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.