BIBELE e Halalelang

1 Marena 18:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?

18. Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.

19. Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.

20. Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.

21. Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.

22. Hape, Elia a re ho setjhaba: Ke setse ke nnotshi ho baporofeta ba Jehova, athe baporofeta ba Baale ke batho ba makgolo a mane a mashome a mahlano.

23. Re neeng poho tse pedi; ba ikgethele poho e nngwe, ba e pomahanye, ba e bee hodima patsi; feela, ba se ke ba hotetsa mollo. Le nna ke tla lokisa poho e nngwe, ke e bee hodima patsi, ke se ke ka hotetsa mollo.

24. Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.

25. Jwale, Elia a re ho baporofeta ba Baale: Ikgetheleng poho e nngwe; le e lokise pele, hobane le bangata, le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona; feela, le se ke la hotetsa mollo.

26. Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.

27. Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.