BIBELE e Halalelang

1 Marena 17:17-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Kamora tseo, mora mosadi, mong a ntlo, a kula; bohloko ba mo totela haholo, ha ba ha fela moya ka ho yena.

18. Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?

19. Elia a re ho yena: Nnee mora hao. Elia a mo nka sefubeng sa hae, a mo isa phaposing e kahodimo, moo a dulang teng, a mo robatsa diphateng tsa hae.

20. A howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo wa ka, ho ya kang, ha o hlahiseditse mosadi enwa wa mohlolohadi, eo ke dulang ha hae, kotsi, ka ho bolaya mora hae?

21. Ebile o paqama hodima ngwana hararo, a howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, moya wa ngwana a o ke o boele ka ho yena!

22. Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.

23. Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.

24. Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.