BIBELE e Halalelang

1 Marena 16:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba lentswe la Jehova le tlela Jehu, mora Hanani, bakeng sa Baesha, la re:

2. Erekaha ke o phahamisitse, ka o ntsha leroleng, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele, mme o ile ka mehlala ya Jeroboame, wa sebisa setjhaba sa ka sa Iseraele, ke tle ke halefiswe ke dibe tsa bona.

3. ke tla hlakola Baesha le lesika la hae, ke etse ka ntlo ya hao, jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe.

4. Mora wa Baesha ya shwelang hae o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo.

5. Haele taba tse ding tsa Baesha, le tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

6. Baesha a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Thirtsa, mme mora hae, Ela, a busa tulong tsa hae.