BIBELE e Halalelang

1 Marena 15:24-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Asa a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa ntatae Davida; mme mora hae, Josafate, ya eba morena tulong tsa hae.

25. Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.

26. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka sebe sa hae seo a sebisitseng Iseraele ka sona.

27. Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.

28. Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.

29. Ha e se e le morena, a bolaya ba ntlo yohle ya Jeroboame, a se ke a siya le a mong ya phelang ha Jeroboame, a ba a ba qeta, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae Akija wa Silo.

30. E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.

31. Haele ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tse entsweng ke yena, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

32. Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.

33. Baesha, mora Akija, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Thirtsa, ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.

34. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame, le ka sebe seo a neng a sebisitse Baiseraele ka sona.