BIBELE e Halalelang

1 Marena 14:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.

10. Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.

11. Mora wa Jeroboame ya shwelang hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo: hobane Jehova o itsalo.

12. Jwale, haele wena, ema, o ikele tlung ya hao; etlare ha maoto a hao a qala ho kena motseng, ngwana o tla shwa.

13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo pate; hobane ke yena a nnotshi wa Jeroboame ya tla iswa lebitleng; hobane ke ho yena ho fihletsweng taba e nngwe e ntle ke Jehova, Modimo wa Iseraele, tlung ya Jeroboame.

14. Hape, Jehova o tla ipatlela morena e mong wa Iseraele, ya tla timetsa ntlo ya Jeroboame mohlang oo; ha ke sa re: hona jwale, ke ha ke tshabisang?

15. Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.

16. O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.