BIBELE e Halalelang

1 Marena 14:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Mora wa Jeroboame ya shwelang hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo: hobane Jehova o itsalo.

12. Jwale, haele wena, ema, o ikele tlung ya hao; etlare ha maoto a hao a qala ho kena motseng, ngwana o tla shwa.

13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo pate; hobane ke yena a nnotshi wa Jeroboame ya tla iswa lebitleng; hobane ke ho yena ho fihletsweng taba e nngwe e ntle ke Jehova, Modimo wa Iseraele, tlung ya Jeroboame.

14. Hape, Jehova o tla ipatlela morena e mong wa Iseraele, ya tla timetsa ntlo ya Jeroboame mohlang oo; ha ke sa re: hona jwale, ke ha ke tshabisang?

15. Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.

16. O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.

17. Yaba mosadi wa Jeroboame o tloha, a ikela, a tla Thirtsa; mme ha a feta sefate sa monyako wa ntlo, ngwana a shwa.

18. A patwa, mme Baiseraele bohle ba mo llela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae, moporofeta Akija.

19. Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

20. Matsatsi ao Jeroboame e bileng morena ka wona, ya eba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi; a ntoo orohela ho bontatae, mme mora hae, Nadabe, ya eba morena tulong tsa hae.