BIBELE e Halalelang

1 Marena 14:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, Abija, mora Jeroboame, a kula.

2. Jeroboame a re ho mosadi wa hae: Tloha, o ikgakanye, ho tle ho se ke ha tsejwa hobane o mosadi wa Jeroboame; o ye Silo; bona, moporofeta Akija o hona teng; ke yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba morena wa setjhaba sena.

3. O nke mahobe a leshome le dinkgwa le pitsa ya dinotshi ka matsoho a hao, mme o kene ka ho yena; o tla o bolella se tla hlahela ngwana.

4. Mosadi wa Jeroboame a etsa jwalo; a tloha, a ya Silo, a fihla ho Akija; athe Akija o ne a sa bone, kahobane mahlo a hae a ne a pompetse ke boqheku.

5. Jehova o ne a se a itse ho Akija: Bona, mosadi wa Jeroboame o ya tla o botsa se tla hlahela ngwana hae ya kulang; o tle o mo arabe ka hore le ka hore, etswe, ha a kena, a tla iketsa mosadi osele.

6. Akija, ha a utlwa diqi tsa maoto a hae, ha a kena ka monyako, a re: Kena, mosadi wa Jeroboame, o iketsetsang osele na? Nna ke rometswe ho wena ka taba tse thata.

7. Tsamaya, o re ho Jeroboame: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o phahamisitse hara setjhaba, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;

8. ka haraswanya mmuso tlung ya Davida, ka o nea wona; leha ho le jwalo ha o a ka wa etsa jwaloka mohlanka wa ka Davida, ya bolokileng melao ya ka, ya ntatetseng ka pelo ya hae yohle, ho etsa tse lokileng feela mahlong a ka;

9. o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.

10. Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.