BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:40-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Ka baka leo, Salomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a tloha, a tshabela Egepeta ho Shishake, morena wa Egepeta, a dula Egepeta, Salomone a ba a shwa.

41. Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?

42. Matsatsi ao Salomone a busitseng Baiseraele bohle, a le Jerusalema, ya eba dilemo tse mashome a mane.

43. Yaba Salomone o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida. Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.