BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:35-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.

36. Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.

37. Wena, ke tla o kgetha, hore o buse kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng; e tla ba wena morena wa Iseraele.

38. Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.

39. Haele ditloholo tsa Davida, ke tla di kokobetsa ka baka la hoo, empa e seng kamehla.

40. Ka baka leo, Salomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a tloha, a tshabela Egepeta ho Shishake, morena wa Egepeta, a dula Egepeta, Salomone a ba a shwa.

41. Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?

42. Matsatsi ao Salomone a busitseng Baiseraele bohle, a le Jerusalema, ya eba dilemo tse mashome a mane.