BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:32-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.

33. Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.

34. Feela, nke ke ka mo amoha mmuso kaofela; ke tla mmea morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ka baka la mohlanka wa ka Davida, eo ke mo kgethileng, ya bolokileng melao ya ka le ditaelo tsa ka.

35. Ke mpa ke tla amoha mora hae mmuso, ke o nee wona, e leng meloko e leshome.

36. Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.

37. Wena, ke tla o kgetha, hore o buse kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng; e tla ba wena morena wa Iseraele.

38. Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.

39. Haele ditloholo tsa Davida, ke tla di kokobetsa ka baka la hoo, empa e seng kamehla.

40. Ka baka leo, Salomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a tloha, a tshabela Egepeta ho Shishake, morena wa Egepeta, a dula Egepeta, Salomone a ba a shwa.

41. Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?