BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:24-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. A ya, a ipokellela banna, a ipea monga letshwele; ke mohla Davida a hlotseng Basiria. Ba ntoo ya Damaseka, ba dula teng, ba busa Damaseka.

25. Ya eba sera ho Iseraele tshiung tsohle tsa Salomone; a totisa tsietsi tse hlahiswang ke Hadade; o ne a hloile Iseraele, mme o ne a busa Siria.

26. Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.

27. Taba ke ena eo a kwenehetseng morena ka baka la yona: Salomone o ne a haha Millo, a thiba dikgeo tsa motse wa ntatae Davida.

28. Monna eo, Jeroboame, e ne e le senatla le mohale. Salomone, ha a bona mohlankana eo hobane o sebetsa hantle, a mmea molebedi wa mosebetsi wohle o etswang ke ba ntlo ya Josefa.

29. Mohlang oo, Jeroboame, ha e etswa Jerusalema, moporofeta Akija wa Silo a teana le yena tseleng, a apere kobo e ntjha; e ne e le bona ba babedi naheng.

30. Akija a tshwara kobo e ntjha eo a e apereng, a e tabola ditsiba tse leshome le metso e mmedi.

31. A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.

32. Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.