BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Feela, nke ke ka etsa hoo o sa phela, ka baka la ntatao, Davida; ke mpa ke tla o haraswanya letsohong la mora wa hao.

13. Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.

14. Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.

15. Hobane, mohla Davida a neng a futuhetse Edomo, Joabe, molaodi wa makgotla a hae, hoba a epele ditopo, a ya, a bolaya ba batona bohle ba Edomo.

16. Joabe a dula teng, a ena le Baiseraele bohle, kgwedi tse tsheletseng, a ba a phetha ho bolaya ba batona bohle ba Edomo.

17. Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.

18. Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.

19. Hadade a kgahlisa Faro haholo, a nyadiswa ke yena ngwanabo mosadi wa hae, ngwanabo mofumahadi Thahepenese.