BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;

2. e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata.

3. A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.

4. Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.

5. Salomone a latela Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Milkome, manyala a Baamone.

6. Kahoo, Salomone a etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ha a ka a latela Jehova kahohle, jwaloka ntatae Davida.

7. Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.

8. A etsetsa medimo ya basadi bohle ba hae ba baditjhaba jwalo; le bona ba tjhesetsa medimo ya bona dibano, ba e hlabela mahlabelo.