BIBELE e Halalelang

1 Marena 11:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;

2. e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata.

3. A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.

4. Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.

5. Salomone a latela Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Milkome, manyala a Baamone.

6. Kahoo, Salomone a etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ha a ka a latela Jehova kahohle, jwaloka ntatae Davida.

7. Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.

8. A etsetsa medimo ya basadi bohle ba hae ba baditjhaba jwalo; le bona ba tjhesetsa medimo ya bona dibano, ba e hlabela mahlabelo.

9. Ebile moo Jehova a halefelang Salomone, hobane pelo ya hae e be e kgelohile ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ya neng a iponahaditse ho yena habedi;

10. ya neng a mo laele, a re, a se ke a latela medimo esele; a mpa a se ke a boloka seo Jehova a mo laetseng sona.

11. Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.