BIBELE e Halalelang

1 Marena 10:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa ha ke a ka ka dumela, ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha ke a ka ka bolellwa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.

8. Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!

9. Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.

10. A ntoo nea morena ditalenta tse lekgolo le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho tliswa le ka mohla o le mong dibano tse ngata tse ka ka tsee mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.

11. Le dikepe tsa Hirame, tse neng di latile kgauta Ofire, tsa lata Ofire le difate tsa almuge tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa.

12. Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.

13. Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, le tseo a di kopileng, ho sa balwe tseo morena Salomone a mo fileng tsona, kamoo a ratileng ho mo fa kateng ka phano ya borena. Yaba o tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.

14. Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,

15. ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, le e bapatswang ke barekisi, le e tswang ho marena wohle a Arabia le ho babusisi ba naha ya hae.