BIBELE e Halalelang

1 Marena 10:22-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

23. Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe ka leruo le ka bohlale.

24. Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.

25. E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.

26. Hape, Salomone a ipokellela makoloi le bakalli, e le makoloi a sekete se le seng se makgolo a mane, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi, ba abetsweng metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.

27. Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.

28. Haele dipere tseo Salomone a neng a di rua, di ne di tswa Egepeta; mehlape ya tsona e ne e latwa ke letshwele la bahwebi ba morena, mohlape o mong le o mong ka theko e beilweng.

29. Haele makoloi a latwang Egepeta, e nngwe le e nngwe e be e rekwa ka dishekele tse makgolo a tsheletseng tsa silefera; pere e ne e nka tse lekgolo le mashome a mahlano. Ba ne ba tlisetsa le marena wohle a Bahethe le marena a Siria.