BIBELE e Halalelang

1 Marena 10:12-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.

13. Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, le tseo a di kopileng, ho sa balwe tseo morena Salomone a mo fileng tsona, kamoo a ratileng ho mo fa kateng ka phano ya borena. Yaba o tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.

14. Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,

15. ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, le e bapatswang ke barekisi, le e tswang ho marena wohle a Arabia le ho babusisi ba naha ya hae.

16. Morena Salomone a etsa mekoko e makgolo a mabedi ya kgauta e teilweng; mokoko o mong le o mong wa etswa ka dishekele tse makgolo a tsheletseng tsa kgauta.

17. A etsa le dithebe tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng; thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e boima ba pondo tse tharo, mme morena a di bea tlung ya Moru wa Lebanone.

18. Morena a etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.

19. Terone eo e ne e na le methatinyana e tsheletseng, hlooho ya boitshetleho ba terone e ne e le tjhitja; matsoho a ne a le mabedi, a le ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.

20. Hape, ditau tse leshome le metso e mmedi di ne di eme ka nqa tse pedi ho methatinyana e tsheletseng. Ha ho a ka ha etswa e jwalo mebusong yohle e meng.

21. Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.

22. Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

23. Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe ka leruo le ka bohlale.

24. Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.

25. E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.

26. Hape, Salomone a ipokellela makoloi le bakalli, e le makoloi a sekete se le seng se makgolo a mane, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi, ba abetsweng metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.

27. Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.

28. Haele dipere tseo Salomone a neng a di rua, di ne di tswa Egepeta; mehlape ya tsona e ne e latwa ke letshwele la bahwebi ba morena, mohlape o mong le o mong ka theko e beilweng.