BIBELE e Halalelang

1 Marena 10:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.

2. A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.

3. Salomone a mo arabela dipotso tsohle tsa hae ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang morena, eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.

4. Eitse mofumahadi wa Sheba ha a bona bohlale bohle ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,

5. le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,

6. a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le nnete.

7. Empa ha ke a ka ka dumela, ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha ke a ka ka bolellwa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.