BIBELE e Halalelang

1 Marena 1:39-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

39. Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!

40. Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.

41. Adonija le bohle ba memilweng ke yena, hobane ba qete ho ja, ba utlwa. Le yena Joabe a utlwa modumo wa diterompeta, a re: Lerata leo hara motse le moferefere ke wang?

42. A re a sa bua, a bona Jonathane, mora moprista Abiathare, a etla. Adonija a mmolella, a re: Kena hobane o monna ya matla, o tlisa ditaba tse monate.

43. Jonathane a araba Adonija, a re: Morena Davida, monga rona, o beile Salomone morena;

44. morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena.

45. Moprista Tsadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsitse Gihone hore e be morena, mme ba kgutlile teng ba thabile, motse wa ba wa dumaela ke hona; ke lona lerata leo le le utlwileng;

46. Salomone o bile o dutse teroneng ya mmuso.

47. Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.

48. Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!