BIBELE e Halalelang

1 Marena 1:22-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. A re a sa bua le morena, ha bo ho se ho kena moporofeta Nathane.

23. Ha tsebiswa morena, ha thwe: Moporofeta Nathane ke enwa. A kena ka ho morena, a kgumama fatshe pela morena ka sefahleho.

24. Nathane a re: Morena, monga ka, hleka ke wena o itseng: Adonija e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka na?

25. Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!

26. Haele nna mohlanka wa hao, le moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le Salomone mohlanka wa hao, ha a ka a re bitsa.

27. Oho morena, mong a ka, na taba eo e tswa ho wena na, athe ha o eso ho ntsebise nna, ke leng mohlanka wa hao, hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao?

28. Yaba morena Davida o araba, a re: Mpiletseng Bathe-Sheba. A kena ka ho morena, a ema pela hae.

29. Morena a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ya nnamoletseng tsietsing tsohle,

30. kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka.

31. Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!

32. Yaba morena Davida o re: Mpiletseng moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada. Yaba ba kena ka ho morena.

33. Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;

34. a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!

35. Le ntoo kgutla le mo latetse, a tle a dule teroneng ya ka, mme a buse tulong tsa ka; ke mo laetse hore e be modisa wa Iseraele le Juda.

36. Moo Benaia, mora Jehojada, a araba morena, a re: Ho be jwalo! Jehova, Modimo wa morena, monga ka, ha a ke a rialo le yena!

37. Jwalokaha Jehova a bile le morena, monga ka, a be le yena Salomone jwalo, mme a phahamise terone ya hae ho feta terone ya morena Davida monga ka!

38. Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone.

39. Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!

40. Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.