BIBELE e Halalelang

1 Johanne 5:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hobane Jesu ke Mora wa Modimo?

6. Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.

7. Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:

8. Moya, le metsi, le madi; mme tse tharo tseo di paka ntho e le nngwe.

9. Haesita le bopaki ba batho re bo amohela, bopaki ba Modimo bo fetisa ka boholo; mme ke bona boo bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.

10. Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; ya sa dumeleng Modimo o o entse leshano; hobane ha a dumele bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.

11. Mme bopaki boo ke hoba Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo boo bo ho Mora wa wona.

12. Ya nang le Mora, o na le bophelo; ya se nang Mora wa Modimo, ha a na bophelo.

13. Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, mme le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.

14. Mme tshepo e tiileng eo re nang le yona ho yena, ke hobane, ha re kopa ntho ka ho rata ha hae o a re utlwa.

15. Mme ha re tseba hoba o re utlwa ha re kopa eng le eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho yena.

16. Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.