BIBELE e Halalelang

1 Johanne 5:4-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hobane hohle ho tswetsweng ke Modimo ho hlola lefatshe, mme hlolo e hlotseng lefatshe ke tumelo ya rona.

5. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hobane Jesu ke Mora wa Modimo?

6. Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.

7. Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:

8. Moya, le metsi, le madi; mme tse tharo tseo di paka ntho e le nngwe.

9. Haesita le bopaki ba batho re bo amohela, bopaki ba Modimo bo fetisa ka boholo; mme ke bona boo bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.

10. Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; ya sa dumeleng Modimo o o entse leshano; hobane ha a dumele bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.