BIBELE e Halalelang

1 Johanne 4:5-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Bona ke ba lefatshe; ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba utlwa.

6. Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.

7. Baratuwa, a re rataneng; hobane lerato le tswa ho Modimo, mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, le hona o tseba Modimo.

8. Ya sa rateng ha a ka a tseba Modimo; hobane Modimo o lerato.

9. Lerato la Modimo ho rona le bonahetse ka hona: Modimo o romile lefatsheng Mora wa wona ya tswetsweng a le mong, re tle re phele ka yena.

10. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.

11. Baratuwa, haele moo Modimo o re ratile jwalo, le rona e ka kgona re ratane.

12. Ha ho motho ya kileng a bona Modimo, le ka mohla o le mong; ha re ratana, Modimo o dutse ho rona, mme lerato la wona le phethehile ho rona.

13. Mokgwa oo re tsebang ka wona hobane re dutse ho wona, le wona ho rona, ke hobane o re ngwathetse Moya wa wona.

14. Mme rona re bone, hape re bile re dipaki tsa hobane Ntate o romile Mora wa hae, e tle e be Mmoloki wa lefatshe.

15. E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.

16. Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena.

17. Moo lerato le phethehang ho rona, re tle re be le tshepo e tiileng ka letsatsi la kahlolo, ke ha seo a leng sona le rona re eba sona lefatsheng lena.

18. Ha ho tshabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tshabo; hobane tshabo e tsamaya le kotlo, mme ya tshabang ha a phetheha leratong.

19. Re a mo rata, kahobane e le yena ya re ratileng pele.

20. E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng?