BIBELE e Halalelang

1 Johanne 4:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. E mong le e mong ya bolelang hore Jesu ke Mora wa Modimo, Modimo o dutse ho yena, mme le yena o dutse ho Modimo.

16. Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena.

17. Moo lerato le phethehang ho rona, re tle re be le tshepo e tiileng ka letsatsi la kahlolo, ke ha seo a leng sona le rona re eba sona lefatsheng lena.

18. Ha ho tshabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tshabo; hobane tshabo e tsamaya le kotlo, mme ya tshabang ha a phetheha leratong.

19. Re a mo rata, kahobane e le yena ya re ratileng pele.

20. E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng?

21. Mme re filwe ke wona taelo ena, e reng: Ya ratang Modimo a rate le ngwanabo.