BIBELE e Halalelang

1 Johanne 3:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.

13. Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile.

14. Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung.

15. E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.

16. Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella banababo rona bophelo ba rona.

17. Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?

18. Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete.

19. Ke kahoo re tsebang hobane re ba nnete, mme re ka tshepisang dipelo tsa rona pela wona.

20. Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.

21. Baratuwa, ha dipelo tsa rona di sa re nyatse, re na le tshepo e tiileng ho Modimo.

22. Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona.

23. Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse.

24. Mme ya bolokang ditaelo tsa wona o dutse ho wona, le wona o dutse ho yena, mme hoo re tsebang ka hona hobane o dutse ho rona, ke ka Moya oo o re neileng wona.