BIBELE e Halalelang

1 Johanne 3:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.

2. Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.

3. Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.

4. E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao.

5. Mme le a tseba hobane yena o hlahile hore a tle a tlose dibe tsa rona; mme ha ho sebe ho yena.

6. E mong le e mong ya dutseng ho yena ha a etse sebe; e mong le e mong ya etsang sebe ha a ka a mmona, ha a bile ha a mo tsebe le hona.

7. Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;

8. ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.

9. E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe, kahobane peo ya wona e dutse ho yena; mme o sitwa ho etsa sebe, kahobane o tswetswe ke Modimo.

10. Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.

11. Hobane taba eo le e utlwileng, esale ho qaleng, ke hore re ratane,

12. mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.

13. Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile.

14. Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung.

15. E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.