BIBELE e Halalelang

1 Johanne 2:9-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ya bolelang hore o leseding, athe o hloile ngwanabo, o sa le lefifing le jwale.

10. Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang.

11. Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.

12. Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.

13. Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.

14. Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

15. Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena.