BIBELE e Halalelang

1 Johanne 2:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.

3. Moo re lemohang hoba re tseba Modimo ke ha re boloka ditaelo tsa wona.

4. Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha e boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena.

5. Empa ya bolokang lentswe la wona, lerato la Modimo le phethehile ruri ka ho yena; ke kahoo re tsebang hobane re ho wona.

6. Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.

7. Banabeso, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa e ntse e le taelo ya kgale eo e sa leng le na le yona le ho qaleng; taelo eo ya kgale ke lentswe leo le le utlwileng esale ho qaleng.

8. Ke boela ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona; hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le hlahile.

9. Ya bolelang hore o leseding, athe o hloile ngwanabo, o sa le lefifing le jwale.

10. Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang.

11. Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.