BIBELE e Halalelang

1 Johanne 2:13-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.

14. Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

15. Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena.

16. Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.

17. Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.

18. Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.

19. Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.

20. Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.

21. Ke le ngoletse, e seng kahobane le sa tsebe nnete, empa e le kahobane le a e tseba, mme ho se leshano le tswang nneteng.

22. Ya leshano ke mang, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena e leng antikreste.

23. E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.

24. Jwale lona, seo le se utlwileng esale ho qaleng, se ke se dule ho lona. Ekare ha seo le se utlwileng, esale ho qaleng, se dula ho lona, le lona le tla dula ho Mora le ho Ntate.

25. Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.

26. Ke le ngoletse ditaba tseo ka baka la ba le thetsang.

27. Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.

28. Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.