BIBELE e Halalelang

1 Johanne 2:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.

12. Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.

13. Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.

14. Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

15. Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena.

16. Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.

17. Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.

18. Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.

19. Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.

20. Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.

21. Ke le ngoletse, e seng kahobane le sa tsebe nnete, empa e le kahobane le a e tseba, mme ho se leshano le tswang nneteng.