BIBELE e Halalelang

1 Johanne 2:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.

2. Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.

3. Moo re lemohang hoba re tseba Modimo ke ha re boloka ditaelo tsa wona.

4. Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha e boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena.

5. Empa ya bolokang lentswe la wona, lerato la Modimo le phethehile ruri ka ho yena; ke kahoo re tsebang hobane re ho wona.

6. Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.