1 Johanne

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5

BIBELE e Halalelang

1 Johanne 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Lentswe la bophelo.

1. Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —

2. hobane bophelo bo senotswe, mme re bo bone, mme re dipaki tsa jona, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo senoletswe rona —

3. seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.

4. Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.

Modimo ke lesedi; ha ho le jwalo, e ka kgona ho tsamauwe leseding. — Ho ipolelwe dibe. — Tshwarelo e tswa ho Jesu Kreste.

5. Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane.

6. Ha re bolela hore re na le kopano le wona, athe re tsamaya lefifing, teng re leshano, mme ha re etse ka nnete.

7. Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.

8. Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.

9. Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.

10. Ha re bolela hore ha re na sebe, re o etsa leshano, mme lentswe la wona ha le yo ho rona.