BIBELE e Halalelang

1 Dikronike 29:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. ba ntshetsa tshebeletso ya ntlo ya Modimo ditalenta tsa kgauta tse dikete tse hlano tse nang le didarike tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa silefera tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa koporo tse dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, le ditalenta tsa tshepe tse dikete tse lekgolo.

8. Ba neng ba na le mahakwe a bohlokwa, ba a neela polokelo ya ntlo ya Jehova, matsohong a Jehiele Mogershone.

9. Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.

10. Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!