BIBELE e Halalelang

1 Dikronike 29:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.

2. Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.

3. Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,