BIBELE e Halalelang

1 Dikronike 1:48-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

48. Mohla Samla a timelang, ha busa tulong tsa hae Saule wa Rehobothe o pela noka.

49. Eitse hobane Saule a timele, ha busa tulong tsa hae Baale-Hanane, mora Akbore.

50. Eitse hobane Baale-Hanane a timele, ha busa Hadade tulong tsa hae; lebitso la motse wa hae e ne e le Pai; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehethabeele, moradi wa Mathrede, moradi wa Mesahabe.

51. Hadade a timela.Mahosana a Edomo ke ana: ke kgosana Thimna, le kgosana Alia, le kgosana Jethethe,

52. le kgosana Oholibama, le kgosana Ela, le kgosana Pinone,

53. le kgosana Kenase, le kgosana Themane, le kgosana Mibtsare,

54. le kgosana Magdiele, le kgosana Irame. Bao ke mahosana a Edomo.