BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:9-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane Modimo ha o a ka wa re beela bohale, empa e le ho re ruisa polokeho ka Morena wa rona Jesu Kreste,

10. ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.

11. Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.

12. Re a le rapela, banabeso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang hara lona, ba le busang Moreneng, ba le kgothatsang.

13. Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.

14. Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.

15. Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.

16. Thabang kamehla.

17. Se phetseng ho rapela.

18. Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.

19. Le se ke la tima Moya.

20. Le se ke la nyedisa ho porofeta.

21. Lekang tsohle; le tiise tse molemo.

22. Tshabang tsohle tse tshwanang le bobe.