BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.

6. Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.

7. Hobane ba robalang, ba ye ba robale bosiu; le ba tahwang, ba ye ba tahwe bosiu.

8. Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.