BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:2-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.

3. Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.

4. Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu.

5. Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.

6. Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.

7. Hobane ba robalang, ba ye ba robale bosiu; le ba tahwang, ba ye ba tahwe bosiu.

8. Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.

9. Hobane Modimo ha o a ka wa re beela bohale, empa e le ho re ruisa polokeho ka Morena wa rona Jesu Kreste,

10. ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.

11. Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.

12. Re a le rapela, banabeso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang hara lona, ba le busang Moreneng, ba le kgothatsang.

13. Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.

14. Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.

15. Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.

16. Thabang kamehla.

17. Se phetseng ho rapela.

18. Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.

19. Le se ke la tima Moya.