BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.

16. Thabang kamehla.

17. Se phetseng ho rapela.

18. Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.

19. Le se ke la tima Moya.

20. Le se ke la nyedisa ho porofeta.

21. Lekang tsohle; le tiise tse molemo.

22. Tshabang tsohle tse tshwanang le bobe.