BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:13-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.

14. Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.

15. Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.

16. Thabang kamehla.

17. Se phetseng ho rapela.

18. Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.

19. Le se ke la tima Moya.

20. Le se ke la nyedisa ho porofeta.

21. Lekang tsohle; le tiise tse molemo.

22. Tshabang tsohle tse tshwanang le bobe.

23. Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.

24. Ya le bitsang o a tshepeha, ke yena ya tla etsa le hona.

25. Banabeso, re rapelleng.

26. Dumedisang baena bohle ka kako e halalelang.

27. Ke le rapela ka Morena, ke re, lengolo lena le ke le ballwe baena bohle ba halalelang.

28. Mohau wa Jesu Kreste, Morena wa rona, o be le lona. Amen!