BIBELE e Halalelang

1 Bathesalonika 5:13-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.

14. Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.

15. Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.